Daniele 4:12 - BIBELE Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona. Sesotho 1909/1961 (SO) mahlaku a sona a le matle, ditholwana tsa sona di le ngata, se ena le dijo tsa bohle; diphoofolo tsa naha di ne di etla moriting wa sona, dinonyana tsa lehodimo di ne di haha makaleng a sona, dibopuwa tsohle di ne di bona dijo ho sona. |
“Esita le sefate se na le tshepo: Ha se ka rengwa se tla hlomela hape, makala a sona a ke ke a ba a fela.
Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”
Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona.
Baditjhaba bohle ba neng ba dula moriting wa sefate sena, ba thusana le sona, le bona ba ile lebitleng le sona, ho ba neng ba bolawe ka sabole.
La howeletsa, la re: “ ‘Remang sefate, makala a sona le a kgethule, mahlaku le a hlohlore, tholwana le di hasanye; batana di balehe moriting wa sona, nonyana di falle makaleng a sona.
Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”
“Empa letsatsi leo kapa hora eo, ha ho ya di tsebang; esita le mangeloi a lehodimong kapa Mora ha a tsebe, haese Ntate.
Empa ha e se e jadilwe e a mela, e be kgolo ho feta ditlama tsohle; e etse makala a maholo, hoo dinonyana tse fofang di ka tsebang ho ahela moriting wa wona.”
O tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka a e jala serapeng sa hae, ya hola, ya eba sefate, mme dinonyana tse fofang tsa hahela makaleng a sona.”