Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”
Daniele 4:11 - BIBELE Sefate sena sa nna sa hola, sa matlafala, sa ya fihla marung, sa bonahala dipheletsong tsohle tsa lefatshe. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ne ke tadima, mme ka bona ho le sefate mahareng a lefatshe, se phahamileng haholoholo; sefate seo se ne se le seholo, se medile ka matla, ntlha ya sona e ne e ama lehodimo, se ne se bonahala le ho ba leng pheletsong ya lefatshe; |
Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”
Baditjhaba ba sehloho ho feta ba bang ba tla e rema, ba e tlohele hona moo. Mahlaku a yona a tla wela hodima dithaba le ka dikgohlong, makala a yona a robehele ka dinokeng tsohle tsa naha eo. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tloha moriting wa yona, di ikele.
Ka hona ya phahama ho feta fate tsohle tsa moru, mahlaku a yona a teteana haholo, makala a yona le wona a lelefala, a thathalla ka baka la metsi bongata.
Na le wena Kaperenauma, “ebe o tla phahamisetswa lehodimong? O tla theohela tlase lebitleng! “Hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahare ho wena di ne di entswe kahara Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno-ya-bokajeno.
“Mamela, wena Iseraele. Kajeno o tla tshela Jorodane, o yo hlola ditjhaba tse kgolo, tse o fetang ke matla, tse nang le metse e meholo ya diqhobosheane tse fihlang marung.