Daniele 2:12 - BIBELE Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe. Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a ba bohale kahoo, a halefa haholo, mme a laela hore babohlale kaofela ba Babilona ba bolawe. |
Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang.
Yaba Daniele o ya ho Arioke, eo kgosi e neng e mo laetse ho bolaya bahlalefi ba Babilona, o re: “O se ke wa bolaya bahlalefi ba Babilona. Nkise kapele ho kgosi, mme ke tla e hlalosetsa toro eo ya yona.”
Kgosi ya araba Bakalatiya, ya re: “Morero wa ka o tiileng ke ona: Haeba le ke ke la mpolella toro ena ya ka, la ba la ntlhalosetsa yona, ke tla le tsekolla, matlo a lona a fetolwe masupi.
Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, mme a laela hore a bitsetswe bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego. Yaba banna ba tliswa kapele ho kgosi.
Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, a sosobanyetsa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego sefahleho. A laela hore sebopi sa mollo se beswe hasupa ho feta mehla.
Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.
Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.