Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao.
Daniele 10:10 - BIBELE Yaba ke bona letsoho le nkama, le nkgumamisa ka mangwele le ka matsoho a ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa, bonang, letsoho le leng la nkama, la sisinya mangwele a ka le matsoho a ka. |
Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao.
Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla.
Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.
Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.
Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,