Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.
BaHebheru 4:1 - BIBELE Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena. Sesotho 1909/1961 (SO) A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona. |
Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.
Ho lehlohonolo motho ya tshabang Morena kamehla, empa ya ithatafatsang pelo o tla wela tsietsing.
Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla.
Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng.’
E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,
Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.
Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.
Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.
Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?
Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.
Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: ‘Ba ke ke ba ba ba kena, ba kena phomolong ya ka.’ ”
A re thahaselleng ho kena phomolong eo, esere ka mokgwa o tshwanang le wane, ba bang ba wa, ka ho latela mohlala wa ho se mamele.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.