BaHebheru 3:2 - BIBELE O ile a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) ya bileng kgabane ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe le yena o bile kgabane ka tlung ya hae yohle. Baasraak Sotho NT Ya neng a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ne a tshepahala tlung ya hae yohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ya neng a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ne a tshepahala tlung ya hae yohle. |
Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.
Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena.
Ya nthomileng o na le nna; ha a ya ntlohela ke nnotshi, hobane ke etsa tse mo kgahlisang kamehla.”
“Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona.
Ke leboha ya mmatlafaditseng, e leng Kreste Jesu Morena wa rona, hobane o nkukile ke le ya tshepahalang, a ba a nkgethela ho ba mosebeletsi wa hae,
Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.
Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.
Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Morena ya ileng a kgetha Moshe le Arone, bona ba ileng ba nyolla bo-ntata lona naheng ya Egepeta, le yena ke paki.