BaHebheru 13:3 - BIBELE Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng. Sesotho 1909/1961 (SO) Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona. Baasraak Sotho NT Hopolang ba ditlamong jwaloka hoja le le ditlamong le bona; le ba hloriswang, jwaloka hoja le sa le mmeleng le lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hopolang ba ditlamong jwaloka hoja le le ditlamong le bona; le ba hloriswang, jwaloka hoja le sa le mmeleng le lona. |
ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.’
A laela molaodi wa ba lekgolo hore a dise Paulosi, feela a be le bolokolohi bo itseng, mme a se thibele motho ofe kapa ofe wa ba habo ho mo thusa.
Ka le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a ba mosa ho dumella Paulosi ho ikela ho metswalle ya hae, ho ya hlokomelwa.
Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.
Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona:
Tumediso ena e ngotswe ke nna Paulosi, ka letsoho la ka. Se lebaleng hore ke ditlamong. Mohau o ke o be le lona.
Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.
Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe.
Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.