Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”
BaHebheru 10:3 - BIBELE Empa mahlabelo ao a hopotsa batho dibe tsa bona ka selemo le selemo; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa mahlabelong ao ho boetse ha hopolwa dibe ka selemo se seng le se seng. Baasraak Sotho NT Empa mahlabelo ao ho na le kgopotso ya dibe ka selemo se seng le se seng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa mahlabelo ao ho na le kgopotso ya dibe ka selemo se seng le se seng. |
Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”
Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”
Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, hore hang ka selemo le etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe, ka baka la dibe tsohle tsa bona.” Yaba Moshe o etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.
Barutuwa ba hae ba hopola hore ho ngotswe, ho thwe: “Ho tjhesehela ntlo ya hao ho ntjele.”
Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.