Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela.
BaHebheru 1:12 - BIBELE O tla di phuthaphutha jwaloka kobo, mme di tla fetoha jwaloka seaparo. Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.” Sesotho 1909/1961 (SO) o tla a mena jwaloka kobo, mme a tla fetoha; empa haele wena, e sa le e le wena, mme mengwaha ya hao e ke ke ya eba le bofelo. Baasraak Sotho NT O tla di phutha jwaloka seaparo, mme di tla fetoha; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O tla di phutha jwaloka seaparo, mme di tla fetoha; |
Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela.
Mahlong a hao dilemo tse sekete di ka letsatsi la maobane le seng le fetile, di ka nakwana ya bosiu.
Modimo a re ho Moshe: “Ke nna yena eo e ntseng e le yena.” Yaba o re: “O tla bolella setjhaba sa Iseraele tjena: ‘Eo e ntseng e le yena o nthomile ho lona.’ ”
Leaho la ka le qhaqholotswe, le tlositswe ho nna, le qhaqholotswe jwaloka motebo wa modisana. Tshiu tsa ka di kgaotswe sa selohi se kgaola dikgwele, kgwele tse lohang lesela, tsa ba tsa kgaolwa jwalokaha tshwele e kgaolwa. Ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa.
Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.”
Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.