Baefese 6:7 - BIBELE Le ba sebeletse ka moya o motle, jwaloka hoja le sebeletsa Morena, e seng batho. Sesotho 1909/1961 (SO) le ba sebeletse ka pelo e ntle, le ntse le sebeletsa Morena, e seng batho; Baasraak Sotho NT le sebeletse ka pelo e ntle, jwaloka hoja le sebeletsa Morena, e seng batho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 le sebeletse ka pelo e ntle, jwaloka hoja le sebeletsa Morena, e seng batho. |
Empa bahlanka ba hae ba atamela pela hae, ba bua le yena, ba re: “Ntate we, ha moporofeta a ne a o laetse hore o etse ntho e kgolo, na o ne o ke ke wa e etsa? Jwale ho bonolo hakaakang ha a re feela ho wena: ‘Tola, mme o tla fola!’ ”
A ho lebohuwe Modimo, hobane le ne le le makgoba a sebe, empa le mametse ka dipelo tsa lona tsohle mofuta wa thuto eo le e neilweng.
Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.
Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho.