Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa.
Baefese 5:13 - BIBELE empa tsohle di totobatswa ke lesedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ntho tseo tsohle ha di kgalemelwa, di bonahatswa ke lesedi; hobane hohle ho bonahatswang, ho lesedi. Baasraak Sotho NT Empa tsohle tse kgalemelwang di bonahatswa ke lesedi; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa tsohle tse kgalemelwang di bonahatswa ke lesedi; |
Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa.
Jwale bofeela ba hae ke tla bo pepesa, ke bo pepese mahlong a medingwana ya hae; ha ho ya tla mo namolela matsohong a ka.
“Ha ke re ke fodisa Iseraele, dibe tsa Efraime di a pepeseha, bokgopo ba Samaria bo senolehe: Bobedi ba etsetsana bolotsana, Mashodu a a thua, a kene ka matlung, diterateng dinokwane di hape tsa batho.
Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae.
Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.
Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?”