Baefese 4:21 - BIBELE haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu. Sesotho 1909/1961 (SO) ha le fela le mo mametse, mme le rutilwe ho yena kamoo nnete e leng ho Jesu kateng, Baasraak Sotho NT Ekare ha le mo utlwile, mme le rutilwe ke yena, jwalokaha nnete e le ho Jesu; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha le mo utlwile, mme le rutilwe ke yena, jwalokaha nnete e le ho Jesu; |
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
“Ya le utlwang o a nkutlwa, ya le hanang o a nkgana, mme ya nkganang o hana ya nthomileng.”
e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona.
Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.
Ha ho le jwalo, ba ka rapela jwang eo ba sa dumelang ho yena? Ba ka dumela jwang eo ba sa kang ba utlwa tsa hae? Ba ka di utlwa jwang ho se ya di bolelang?
Ke yena eo e leng “e” ditshepisong tsohle tsa Modimo. Ke ka baka leo e ntseng e le ka yena re reng “a ho be jwalo!” ha re tlotlisa Modimo.
Ke ikana ka nnete ya Kreste e ka ho nna, hore boithoriso bona ba ka bo ke ke ba kgaotsa dibakeng tsa Akaya.
Ke ka Kreste le lona le utlwileng lentswe la nnete, molaetsa o molemo o le pholosang. Ke yena eo le bileng la dumela ho yena, la ba la tshwauwa ka letshwao la Moya o Halalelang, oo le neng le o tshepisitswe.
O tlile ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ho lona ba leng hole, le ho ba leng haufi.
ka baka la ho tshepa tseo le di boloketsweng mahodimong. Le utlwile tsa tshepo eo ka lentswe la nnete, e leng molaetsa o molemo
o le fihletseng. Molaetsa oo o namela lefatsheng lohle, mme o beha ditholwana. O entse jwalo le ho lona, ho tloha mohla le neng le utlwa tsa mohau wa Modimo, mme la fela la utlwisisa seo o leng sona.
Metso ya bophelo ba lona e ke e tebe ka ho yena, e be yena motheo wa bona; le tiye tumelong kamoo le e rutilweng kateng, mme teboho ya lona e kgaphatsehe.
Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.