Mohla tsatsi leo ba tla re ho Jerusalema: “Wena Sione, o se ke be wa tshaba, matsoho a hao a fele a tiye!
Baefese 3:13 - BIBELE Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke moo ke le rapelang hore le se ke la fediswa pelo ke dihloriso tse ntlhahelang ka baka la lona; tsona ke thoriso ya lona. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ke rata hore le se ke la tepella ka baka la ditsietsi tsa ka ka baka la lona, tseo e leng tlotla ya lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ke rata hore le se ke la tepella ka baka la ditsietsi tsa ka ka baka la lona, tseo e leng tlotla ya lona. |
Mohla tsatsi leo ba tla re ho Jerusalema: “Wena Sione, o se ke be wa tshaba, matsoho a hao a fele a tiye!
Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”
Ha re tshwenyeha, hona ho le tlisetsa tshediso le pholoho; haeba re a tshediswa, hona ho le tlisetsa tshediso e le thusang ho mamella mahloko ao le rona re a mamellang.
Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.
Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo.
a re ho bona: ‘Mamelang, lona Baiseraele! Kajeno le thulana le dira tsa lona ntweng. Le se ke la nyahama dipelo; le se ke la tshaba, kapa la ferekana, kapa la tshoswa ke dira.
Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.