Baefese 2:22 - BIBELE Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya. Sesotho 1909/1961 (SO) Le lona le hahilwe hammoho ho yena, ho ba ntlo ya Modimo Moyeng. Baasraak Sotho NT Eo le lona le ahilweng hammoho ho yena ho ba bodulo ba Modimo ka Moya. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eo le lona le ahilweng hammoho ho yena ho ba bodulo ba Modimo ka Moya. |
Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong?
Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.
Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.
Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.
Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona. Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.