Tempele e ne e hahilwe ka majwe a ileng a betlelwa moo a tjhekilweng teng, e le hore ho se be lerata la noto, kapa la tjhesele, kapa la tshepe efe le efe le ka utlwahalang ka Tempeleng ha e ntse e hahuwa.
Baefese 2:21 - BIBELE Ke ho yena mohaho wohle o kopantsweng hammoho, mme o holang, o fetohang tempele e halalelang ya Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) eo mohaho wohle o theilweng hodima hae, o kopaneng ka nqa tsohle, mme o ntse o hola ho ba tempele e kgethehileng Moreneng. Baasraak Sotho NT Eo kaho yohle e kopantsweng hantle ka ho yena, e ntse e hola ho ba tempele e halalelang ya Morena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eo kaho yohle e kopantsweng hantle ka ho yena, e ntse e hola ho ba tempele e halalelang ya Morena. |
Tempele e ne e hahilwe ka majwe a ileng a betlelwa moo a tjhekilweng teng, e le hore ho se be lerata la noto, kapa la tjhesele, kapa la tshepe efe le efe le ka utlwahalang ka Tempeleng ha e ntse e hahuwa.
Ditemoso tsa hao di tshepahala haholo; ntlo ya hao e tshwanelwa ke kgalalelo, kamehla le mehla, wena Morena.
ho ne ho ena le kgoro ka botjhabela, eo motho a kenang ka yona. Qalong ya tsela ena e sikileng le lerako, ho leba nqa botjhabela, ho ne ho ena le monyako oo motho a kenang dikamoreng ka wona.
Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.
Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.
Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.