Ako hopole phutheho ya hao eo e bileng leruo la hao, leruo la hao ho tloha kgale, eo o e lopolotseng, moloko oo e leng lefa la hao; le thaba ya Sione eo o ahileng ho yona.
Baefese 1:14 - BIBELE Moya oo re o filwe e le ho tiisa hore re tla ja lefa, mme ke tshepiso ya ho lopollwa ha bao e leng leruo la Modimo, ho tle ho bonahatswe tlotla ya hae. Sesotho 1909/1961 (SO) e leng wona tebeletso ya lefa la rona, ho tle ho lopollwe bao Modimo o ithuetseng bona, e be thoriso ya kganya ya wona. Baasraak Sotho NT eo e leng tebeletso ya lefa la rona, ho isa topollong ya letlotlo, e be thoriso ya kganya ya wona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 eo e leng tebeletso ya lefa la rona, ho isa topollong ya letlotlo, e be thoriso ya kganya ya wona. |
Ako hopole phutheho ya hao eo e bileng leruo la hao, leruo la hao ho tloha kgale, eo o e lopolotseng, moloko oo e leng lefa la hao; le thaba ya Sione eo o ahileng ho yona.
A ba fihlisa naheng ya hae, naheng e halalelang, le thabeng eo a ikgapetseng yona, a e hapa ka tsoho la hae le letona.
E tle ere ha tsena di qala ho etsahala le pashalle, le phahamise dihlooho, hobane topollo ya lona e atametse.”
Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.
“Jwale ke le bea matsohong a Modimo le mohaung wa lentswe la hae le ka le hodisang, la le nea lefa hara bohle ba halaleditsweng.
Hase tsona feela, empa le rona, ba neilweng Moya e le mpho ya ho qala ya Modimo, re fehellwa ka dipelong, re ntse re lebeletse hore Modimo a re amohele re le bana ba hae, mme a lopolle le mmele ya rona.
Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona.
ya re tshwaileng ka letshwao la hae, mme ya re fileng Moya o Halalelang dipelong tsa rona, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.
Ya re bopetseng hona, ke Modimo ya re fileng Moya wa hae, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.
Kaha le le bana, Modimo o rometse Moya wa Mora wa hae dipelong tsa lona, o howang, o re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”
Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,
e le hore ka rona, bao re bileng ba pele ho tshepa Kreste, ho tle ho bonahatswe tlotla ya Modimo.
Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.
Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.