Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”
2 Samuele 7:7 - BIBELE Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le bana ba Iseraele, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Le kahohle moo ke tsamaileng hammoho le bana bohle ba Iseraele, na nkile ka bolela taba leha e le ho e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke ba laetseng ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele, ka re: Na ha le nkgahele keng ntlo ya dikedare na? |
Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”
Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena Modimo wa hao, a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.’ ”
Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le Baiseraele bohle, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?’
O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.
Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?
Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.
“Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape?
Ke tla di nea modisa a le mong, e leng mohlanka wa ka Davida; o tla di alosa, a di fepe, e be modisa wa tsona.
O tla ema, a alose mohlape wa hae, a o alose ka matla a tswang ho Morena, ka bitso le tlotlehang la Morena Modimo wa hae. Ba tla phela ba sireletsehile, hobane boholo ba hae bo tla nama, bo namele pheletsong tsa lefatshe.
“ ‘Ha e le wena, Betlelehema, e naheng ya Juda, ha o hlile ha o monyenyane haholo, ha o monyenyane hara batsamaisi ba Juda, hobane ho wena ho tla tswa motsamaisi ya tla alosa Iseraele, setjhaba sa ka.’ ”
Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.
Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”
Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.”
Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa.