Ka lona letsatsi leo Davida a re: “Mang kapa mang ya ratang ho bolaya Mojebuse, eka kgona a nyolohe ka mosele wa metsi, a bolaye dihlotsa tseno le difofu tseno, e leng tsona dira tse kgolo tsa Davida.” Ke ka hona ba reng: “Difofu le dihlotsa di ke ke tsa kena motseng.”
Davida a aha qhobosheaneng eo, mme a e bitsa motse wa Davida. Yaba Davida o haha motse o potapotileng qhobosheane eo, ho tloha Milo ho ya qhobosheaneng.
Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.
Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.
Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema.
Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.
Jwale Solomone a kgobokanya baholo bohle ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane sa Morena, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.
Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.
Morena o re: Lona baahi ba kgohlo ke a le futuhela, lona ba phelang hodima sehlaba se mafika, lona ba reng: “Re ka futuhelwa ke mang? Diahelong tsa rona ho ka kena mang?”
Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa, o tswe thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.
Jwale ka tadima, mme ka bona Konyana e eme hodima thaba ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, bao diphatleng tsa bona ho neng ho ngotswe lebitso la yona, le lebitso la Ntata yona.