Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”
2 Samuele 4:9 - BIBELE Davida a araba Rekabe le ngwanabo Baana, bara ba Rimone wa Mobeerote, a re ho bona: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, ya mpholositeng ditsietsing tsohle, Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a fetola Rekabe le Baana ngwanabo, bara ba Rimmone wa Beerothe, a re ho bona: Ka Jehova ya utlwang, ya namoletseng moya wa ka ditsietsing tsohle tsa ka, mohla e mong a neng a mphehela a re: |
Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”
Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine.
Kgosi ya hlapanya, ya re: “Ka Morena ya phelang, ya mpholositseng ditsietsing tsohle tsa ka,
Ke yena ya o lopollang lebitleng, ke yena ya o qhakang ka mohau, ya o qhakang le ka lerato.
Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.
O se ke wa pata sefahleho sa hao, wa se patela mohlanka wa hao, o nkarabe kapele, hobane ke matshwenyehong.
Molomo wa ka o tla howa ka thabo, o howe ha ke o roka, le wona moya wa ka oo o o lopolotseng.
Jwalokaha kajeno ke ile ka o qenehela, le nna Morena a ke a nqenehele, a nnamolele matshwenyehong ana wohle.”