Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”
2 Samuele 4:8 - BIBELE Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tlisetsa Davida hlooho ya Ishe-Boshethe Hebrone, ba re ho morena: Ke ena hlooho ya Ishe-Boshethe, mora Saule, eo e neng e le sera ho wena se pheheletseng ho o bolaya; kajeno lena, Jehova o pheteleditse morena, monga ka, ho Saule le ho bana ba hae. |
Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”
Jwale monna wa Mokushe a fihla a re: “Ke o tsebisa ditaba tse monate, monga ka, kgosi ya ka! Ka letsatsi lena Morena o o pheteditse ho bohle ba ileng ba o tsohela matla!”
Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.
Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane.
la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.”
Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”
Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”
Saule a betsa lerumo, hobane o ne a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng.” Empa Davida a qoba lerumo leo habedi.
Saule a bolella Jonathane, mora wa hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida. Empa Jonathane, mora wa Saule, o ne a rata Davida haholo.
Saule a romela maqosa hore a yo bona Davida, a ba a re ho wona: “Le mo tlise kwano ka diphate tsa hae, ke tlo mmolaya!”
Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?”
Davida a tseba hore Saule o tswile hae ho ya mo tsoma, a mmolaye. Davida o ne a le Horeshe lehwatateng la Sife;
Jwale banna ba Davida ba re ho yena: “Lena ke lona letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho wena, a re: ‘Bona, ke tla neelana ka sera sa hao matsohong a hao, mme o tla iketsetsa borata ka sona.’ ” Yaba Davida o ema ka lenyele, o seha qola ya seaparo sa Saule.
Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.