Abinere le banna ba hae ba qeta bosiu bohle ba ntse ba tsamaya kgohlong ya Jorodane. Ba tshela Jorodane, ba tsamaya hara Biterone yohle, ba ba ba ya fihla Mahanaime.
2 Samuele 4:7 - BIBELE E ne e ile ya re hoba ba kene ka tlung ba mo hlaba, ba mmolaya a ntse a paqame diphateng tsa hae. Ba mo kgaola hlooho, ba e nka, ba tsamaya bosiu bohle ka tsela ya Araba. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ne ba mo kenetse tlung, a robetse diphateng, phaposing ya hae ya ho robala, ba mo hlaba teng, ba mmolaya, ba mo kgaola le hlooho, mme ba nka hlooho ya hae, ba ya le tsela ya thota bosiu bohle. |
Abinere le banna ba hae ba qeta bosiu bohle ba ntse ba tsamaya kgohlong ya Jorodane. Ba tshela Jorodane, ba tsamaya hara Biterone yohle, ba ba ba ya fihla Mahanaime.
Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.
Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo. Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa.
Davida a nka hlooho ya Mofilesita, a e isa Jerusalema, empa dihlomo tsa Mofilesita tsona a di bea ka tenteng ya hae.
Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa seaparo sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita, ho phatlalatsa taba ena ka ditempeleng tsa medimo ya bona ya bohata, le hara setjhaba sohle.