Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”
2 Samuele 3:12 - BIBELE Abinere a roma maqosa ho Davida, a re: “Naha ee ke ya mang?” A boela a re: “Bona mona, a re etse selekane le wena, mme ke tla o thusa hore Baiseraele bohle ba o sale morao.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Abnere o romela Davida manqosa a tswang ho yena, a re: Lefatshe ke la mang na? A eketsa a re: Hlaba selekane le nna; o tla bona letsoho la ka le o emela, hore ke sokollele Baiseraele bohle ho wena. |
Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”
Jwale banna bohle ba Baiseraele ba tla ho kgosi, ba re ho yona: “Ke ka baka lang ha bana babo rona, e leng banna ba morabe wa Juda, ba ile ba nka kgosi ka lenyele, ba e tshedisa Jorodane, hammoho le ba lelapa la yona, le banna bohle ba Davida?”
O rata ba o hloileng, empa o hloile ba o ratang. Kajeno o iponahaditse hore ha o re letho ka mahosana kapa bahlanka. Kajeno ke elellwa hore haeba Abosalome a ne a sa shwa, eba rona bohle re shwele, o ka be o thabile.
Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le wena, empa ke batla ntho e le nngwe feela ho wena, e leng hore o se ke wa mpona, haese haeba o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, pele o etla ho tla kopana le nna.”
Abinere a re ho Davida: “Jwale ke tla tsamaya, ke yo bokellela monga ka, kgosi, Baiseraele bohle, hore ba tlo etsa selekane le wena, mme o tle o buse hohle moo o ratang ho busa teng.” Davida a dumella Abinere hore a tsamaye, mme eo a ikela ka kgotso.
Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.
Yaba kgosi e re ho bahlanka ba yona: “Na ha le tsebe hore kajeno, naheng ee ya Iseraele, ho shwele kgosana le mohlabani e moholo?
Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.