Eitse ha dibini di qala ho bina, Morena a etsa hore Baamone, le Bamoabe, le ba tswang thabeng ya Seire, ba neng ba futuhetse naha ya Juda, ba lallwe, mme ba hlolwe.
2 Samuele 22:4 - BIBELE Ke ipiletsa ho Morena ya lokelang ho roriswa, mme ke pholoswa direng tsa ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke howeletsa, ke re: Jehova o loketse ho bokwa! Mme ke namolelwa matsohong a dira tsa ka. |
Eitse ha dibini di qala ho bina, Morena a etsa hore Baamone, le Bamoabe, le ba tswang thabeng ya Seire, ba neng ba futuhetse naha ya Juda, ba lallwe, mme ba hlolwe.
Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle!
Ke mang ya ka bolelang ketso tse matla tsa Morena, ya ka tumisang thoriso yohle ya hae?
Yaba ke rapela lebitso la Morena, ka rapela, ka re: “Oho, Morena, ako pholose bophelo ba ka.”
Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka. Modimo wa ka ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona; Morena ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le ntwanelang, ke seqhobo sa ka.
Lefu le ke le ba kgaoletse, ba ke ba theohele Nqalong ya Bafu, ba theohele ba ntse ba phela, hobane ba ahisane le bokgopo, mme bo hara bona.
O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao?
“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”
A ne a bua ka mantswe a phahameng, a re: “Konyana e hlabilweng e lokela ho amohela borena, le borui, le bohlale, le matla, le hlompho, le tlotla, le thoriso.”