2 Samuele 22:2 - BIBELE a re: “Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka. |
Modimo wa Iseraele a bua, Lefika la Iseraele la mpuisa: ‘Ya busang batho ka toka, ya busang ka ho tshaba Modimo,
Ke setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, seqhobo sa ka le monamoledi wa ka; ke thebe ya ka, eo ke itshireletsang ka yona, ke yena ya beang ditjhaba katlasa puso ya ka.
Ntshekehele tsebe, o potlakele ho ntopolla. O be lefika leo ke tshabelang ho lona, qhobosheane e mpholosang.
Motsheare Morena o tla ntshitsa, a ntshitse ka mohau wa hae; bosiu ke tla mminela, ke rapele Modimo ya mphedisang.
Eba lehaha leo ke tshabelang ho lona, leo nka tshabelang ho lona kamehla; o se o laetse hore ke pholoswe, wena lefika la ka le qhobosheane ya ka.
o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”
Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.
“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.
“Ha ho ya halalelang jwaloka Morena, hobane ha ho e mong kantle ho wena, ha ho mosireletsi ya kang Modimo wa rona.
Saule le banna ba hae ba tsamaya ho ya batla Davida. Davida a tsebiswa taba ena, mme a theohela lefikeng, a ya phela lehwatateng la Maone. Ha Saule a utlwa taba ena, a phaladisa Davida ho ya fihla lehwatateng la Maone.
Saule a nka mokgetho wa banna ba dikete tse tharo setjhabeng sohle sa Iseraele, a tsamaya ho ya batla Davida le banna ba hae Mafikeng a Dipodi tsa Naha.