Motse ona wa heso ke o mong wa metse e ratang kgotso, o tshepahalang naheng ya Baiseraele. Empa o batla ho timetsa motse ona, oo e leng mma metse ya Iseraele? Ke ka lebaka lang ha o rata ho ripitla motse oo e leng lefa la Morena?”
2 Samuele 21:3 - BIBELE Yaba Davida o bitsa Bagibeone, o re ho bona: “Ke le etsetse eng? Tefelo nka e etsa ka eng, e le hore le tle le hlohonolofatse setjhaba seo e leng lefa la Morena?” Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a re ho ba Gibeone: Ke tla le etsetsang, kapa ke tla etsa pheko kang, hore le hlohonolofatse lefa la Jehova? |
Motse ona wa heso ke o mong wa metse e ratang kgotso, o tshepahalang naheng ya Baiseraele. Empa o batla ho timetsa motse ona, oo e leng mma metse ya Iseraele? Ke ka lebaka lang ha o rata ho ripitla motse oo e leng lefa la Morena?”
Ka le hlahlamang Moshe a re ho setjhaba: “Le entse sebe se seholo. Jwale ke tla nyolohela ho Morena; mohlomong ke tla le etsetsa tefelo ya sebe sa lona.”
A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.
Yaba ba a mmotsa, ba re: “Jwale re o etse jwang, e le hore lewatle le tle le kokobele?” Lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana.
Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.
Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.
Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’