2 Samuele 2:5 - BIBELE Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse. |
Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe;
O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”
Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita.
Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”
Ba boela ba re: “Ke morabe ofe hara merabe ya Iseraele, o sa kang wa phuthehela Misepa ho Morena?” Ba bona hore ha ho motho le ya mong ya ileng a tla diahelong a etswa Jabeshe-Gileade, a etla phuthehong.
Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng.
Yaba Naomi o re ho ngwetsi ya hae: “Morena ya hauhelang ba phelang le ba shweleng a ke a mo hlohonolofatse.” Naomi a eketsa, a re ho yena: “Monna eo ke seng le rona, re tswalana le yena.”
Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng.
Nahashe wa Moamone a nyoloha, a hloma malebana le Jabeshe-Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.”
Ba re ho maqosa a tswang Jabeshe: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe-Gileade: ‘Hosasane, ha letsatsi le le hloohong tsa mengala, le tla namolelwa.’ ” Maqosa a kgutla, a bolella banna ba Jabeshe, mme bao ba thaba.
Samuele a fihla ho Saule, mme Saule a re ho yena: “Morena a ke a o hlohonolofatse! Ke phethile taelo ya Morena!”
Ha motho a fumana sera sa hae, na a ka se tlohela sa ikela se ntse se phela? Morena a ke a o putse ka tse molemo, ka baka la seo o nketseditseng sona kajeno.