Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.
2 Samuele 2:10 - BIBELE Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a qala ho busa naha ya Iseraele, o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, mme a busa ka dilemo tse pedi. Ba morabe wa Juda ke bona feela ba ileng ba latela Davida. Sesotho 1909/1961 (SO) Ishe-Boshethe, mora Saule, o ne a le dilemo tse mashome a mane ha a qala ho busa Israele, mme a busa ka lemo tse pedi. Ke ba ntlo ya Juda feela ba kileng ba latela Davida. |
Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.
Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.
A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.
Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.”