Ke hobaneng ha o balehile ka lenyele, o nthobetse, mme o sa ka wa ntsebisa, athe nka be ke o feleheditse ka thabo le ka dipina, le ka meropa le ka harepa?
2 Samuele 19:3 - BIBELE Ka letsatsi leo bahlabani ba kena motseng ka lenyele, jwaloka bahlabani ba hlabilweng ke dihlong ha ba balehile ntweng. Sesotho 1909/1961 (SO) setjhaba sa kgukgunela motseng tsatsing leo, ka mokgwa oo batho bao e kang ba dihlong ba kgukgunelang teng ha ba balehile ntweng. |
Ke hobaneng ha o balehile ka lenyele, o nthobetse, mme o sa ka wa ntsebisa, athe nka be ke o feleheditse ka thabo le ka dipina, le ka meropa le ka harepa?
Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime.
Yaba ho hlola ha letsatsi leo ho fetoha bofifi ho bahlabani bohle, hobane hona letsatsing leo ba ile ba utlwa ho thwe: “Kgosi e hlomohetse mora wa yona.”
Barasilai o ne a se a tsofetse haholo, a ena le dilemo tse mashome a robedi. Ha kgosi e ntse e le Mahanaime, Barasilai o ne a e fepa, hobane o ne a ruile haholo.
Kgosi ya ikgurumetsa sefahleho, ya bokolla haholo, ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Jo! ngwanaka, ngwanaka Abosalome!”