Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”
2 Samuele 16:3 - BIBELE Kgosi ya re: “Mora wa monga hao o kae?” Siba a re ho kgosi: “O dula Jerusalema, hobane o re: ‘Kajeno ntlo ya Iseraele e nkgutliseditse mmuso wa ntate.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a re: Mora monga hao o kae na? Tsiba a re ho morena: Bona, o setse Jerusalema ka ho re: Kajeno ntlo ya Iseraele e tla busetsa mmuso wa ntate ho nna. |
Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”
Ya etseletsang wa habo sephiring ke tla mo timetsa, nke ke ka mamella moikgantshi le moikgohomosi.
ya sa etseletseng ka leleme la hae, ya sa etseng mohahabo hampe, ya sa tlameletseng wa habo,
ka matsatsi wohle di mpotapotile, di mpotapotile jwaloka metsi, kaofela ha tsona di nkopetse hare.
Ba fella jwalo ba ithuisang ka bolotsana, bophelo ba bona bo fediswa ke matsoho a bona.
O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena.
Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.