Abosalome a tswele pele, a re: “Hoja ke ne ke le moahlodi naheng ena, mme bohle ba nang le dinyewe kapa ditaba ba etla ho nna, ke ne ke tla ba ahlolela ka toka.”
2 Samuele 15:3 - BIBELE Abosalome a re ho yena: “Nyewe ena ya hao e ntle haholo, e bile e nepahetse, empa ha ho le ya mong wa banna ba kgosi ya tla o mamela.” Sesotho 1909/1961 (SO) Absalome o ne a re ho yena: Taba tsa hao di ntle, di lokile, empa ha ho ya beilweng ke morena ho di utlwa ho wena. |
Abosalome a tswele pele, a re: “Hoja ke ne ke le moahlodi naheng ena, mme bohle ba nang le dinyewe kapa ditaba ba etla ho nna, ke ne ke tla ba ahlolela ka toka.”
Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.
“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.
Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.
“Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.
Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”
Modimo o itse: ‘Hlompha ntatao le mmao,’ mme hape a re: ‘Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.’
Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’ ”
haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang;