Kgosi ya re: “Na Joabe o teng morerong oo?” Mosadi a araba, a re: “Ke hlapanya ka monga ka, ka kgosi e phelang, ha ho kamoo nka latolang kateng seo monga ka, kgosi, a se buileng. Mohlanka wa hao Joabe o ile a ntaela, a re ke tle ke bue mantswe ana wohle.
Ka ba romela ho Ido, mmusisi wa sebaka se bitswang Kasipia, ka ba laela seo ba tshwanetseng ho se bolella Ido, le bana babo, e leng basebeletsi ba Tempele, ba sebakeng sona seo sa Kasipia, hore ba re tlisetse basebeletsi ba Tempele ya Modimo wa rona.
Dipolelo tsa ka di tla tswa molomong wa hao, ke o sireleditse ka moriti wa seatla sa ka, ke nna ya beileng mahodimo tulong tsa wona, ke nna ya radileng metheo ya lefatshe, ke nna ya reng ho Sione: ‘O setjhaba sa ka.’ ”
“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.
Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.