“Ha fihla moeti ha monna wa morui. Morui enwa a ba lekgonatha ho nka phoofolo mohlapeng wa hae wa dikgutshwane, kapa mohlapeng wa hae wa dikgomo, ho hlabela moeti enwa wa hae. Empa a nka konyana ya sethole ya mofutsana, mme a e hlabela moeti ya tjhaketseng ha hae.”
Ha mpa ha fihla moeti ha morui; yena a ba leqe ho nka dinkung tsa hae le dikgomong tsa hae ntho e lokisetswang moeti ya fihletseng ha hae, a ya nka konyana ya mofutsana, a e lokisetsa motho ya fihlileng ha hae.
athe mofutsana yena o ne a se na letho, haese konyanyana e le nngwe feela, e tshehadi, eo a neng a e rekile, a e hlokometse haholo. E ne e holela ha hae le bana ba hae, e eja dijo tsa hae, e nwella senwelong sa hae, a e sika sefubeng sa hae jwalokaha eka ke moradi wa hae.
Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa;