Davida a romela leqosa ho ya botsa hore na mosadi eo ke mang. Leqosa leo la tla le re: “Ke Batesheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uriya wa Mohete.”
2 Samuele 12:3 - BIBELE athe mofutsana yena o ne a se na letho, haese konyanyana e le nngwe feela, e tshehadi, eo a neng a e rekile, a e hlokometse haholo. E ne e holela ha hae le bana ba hae, e eja dijo tsa hae, e nwella senwelong sa hae, a e sika sefubeng sa hae jwalokaha eka ke moradi wa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Mofutsana o ne a se na letho haese konyana e le nngwe e nyenyane e tshehadi, eo a e rekileng, a e fepile, e hotse ha hae hammoho le bana ba hae, e ntse e eja dijo tsa hae, e enwa mohopeng wa hae, e robala sefubeng sa hae, ho yena eka ke moradi. |
Davida a romela leqosa ho ya botsa hore na mosadi eo ke mang. Leqosa leo la tla le re: “Ke Batesheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uriya wa Mohete.”
“Ha fihla moeti ha monna wa morui. Morui enwa a ba lekgonatha ho nka phoofolo mohlapeng wa hae wa dikgutshwane, kapa mohlapeng wa hae wa dikgomo, ho hlabela moeti enwa wa hae. Empa a nka konyana ya sethole ya mofutsana, mme a e hlabela moeti ya tjhaketseng ha hae.”
O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena.
“Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: ‘A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng,’ eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba;