Morena a romela Nathane ho Davida. Nathane a fihla ho yena, a re: “Motseng o mong ho ne ho ena le banna ba babedi, e mong a ruile, e mong a futsanehile.
2 Samuele 12:2 - BIBELE Morui o ne a ena le mehlapehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo; Sesotho 1909/1961 (SO) Morui o ne a na le dinku le dikgomo tse ngatangata. |
Morena a romela Nathane ho Davida. Nathane a fihla ho yena, a re: “Motseng o mong ho ne ho ena le banna ba babedi, e mong a ruile, e mong a futsanehile.
athe mofutsana yena o ne a se na letho, haese konyanyana e le nngwe feela, e tshehadi, eo a neng a e rekile, a e hlokometse haholo. E ne e holela ha hae le bana ba hae, e eja dijo tsa hae, e nwella senwelong sa hae, a e sika sefubeng sa hae jwalokaha eka ke moradi wa hae.
Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo.
Kgosi ya tswa motseng le bohle ba lelapa la yona, ya siya basadi ba leshome, bao e neng e le basadi ba mafielo ba yona, hore ba hlokomele lelapa.
O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.