Hoba Davida a bolellwe taba ena, a re ba yo kgahlanyetswa, hobane bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”
2 Samuele 10:4 - BIBELE Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu tsa mohlaare o mong, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola ditedu ka nqa e nngwe, a seha le diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, a ba a ba kgutlisa ba le jwalo. |
Hoba Davida a bolellwe taba ena, a re ba yo kgahlanyetswa, hobane bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”
Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.
ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong.
banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.