Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”
2 Bakorinthe 8:4 - BIBELE Di re qopheletse hore di dumellwe ho kenya letsoho thusong ya badumedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re no amohela ketso eo ya mohau le ho kena ha bona dithusong tse etsetswang bahalaledi. Baasraak Sotho NT ba re rapella ka dikopo tse ngata hore re amohele mpho eo, mme re kopanele tshebeletsong ya bahalaledi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba re rapella ka dikopo tse ngata hore re amohele mpho eo, mme re kopanele tshebeletsong ya bahalaledi. |
Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”
Mang kapa mang ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.”
“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’
Mafutsana le na le wona kamehla, mme le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe nna le ke ke la ba le nna kamehla.
Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng.
Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.
“Jwale kamora dilemo tse ngata, ke tlisitse dithuso ho setjhaba sa heso le ho tla etsa mahlabelo.
hore ke tle ke sireletswe ho ba sa dumeleng, ba Judea, mme dithuso tseo ke di isang Jerusalema di tle di amohelehe ho badumedi.
Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.
Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi.
Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.
Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.
Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.