2 Bakorinthe 7:9 - BIBELE Empa jwale ke thabile, e seng kahobane ke ile ka le swabisa, empa e le hobane maswabi a lona a ile a etsa hore le bake. Le ile la swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang; ka baka leo, seo re se entseng ha se a le senyetsa letho. Sesotho 1909/1961 (SO) jwale ke thabile, e seng kahobane le kile la swabiswa, empa e le kahobane maswabi a lona a hlahisitse pako; hobane le ile la swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo, mme ka mokgwa oo, ha re a ka ra le etsa hampe tabeng leha e le nngwe. Baasraak Sotho NT Jwale ke thabela, e seng kahobane le ile la swaba, empa ke thabela hore le ile la swaba hoo le ileng la baka; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ke thabela, e seng kahobane le ile la swaba, empa ke thabela hore le ile la swaba hoo le ileng la baka; |
“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.
Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”
Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ ”
Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”
ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.
Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.
Ho ba yang timelong ke monko wa lefu, o bolayang; ho ba yang pholohong ke monko wa bophelo, o phedisang. Jwale ke mang ya loketseng tsee?
hobane le haeba lengolo la ka le ile la le swabisa, ha ke ikwahlaye ha ke le ngotse. Ke ne nka ikwahlaya ka ho bona hore lengolo leo le ile la le swabisa nakwana.