Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”
2 Bakorinthe 7:2 - BIBELE Re buleleng dipelo tsa lona. Ha ho eo re mo entseng hampe, ha ho eo re mo senyeditseng, ha ho eo re mo qhekanyeditseng. Sesotho 1909/1961 (SO) Re amoheleng; ha re a ka ra etsa motho hampe; ha re a ka ra senyetsa motho; ha re a ka ra ja motho. Baasraak Sotho NT Re amohele; ha re a sitelwa motho, ha rea ka ra senya motho, ha re a ka ra etsetsa motho bolotsana. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Re amohele; ha re a sitelwa motho, ha rea ka ra senya motho, ha re a ka ra etsetsa motho bolotsana. |
Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”
Ha mang kapa mang a sa le amohele le ho mamela dipolelo tsa lona, tswang tlung eo kapa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona.
“Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je tse bewang kapela lona,
hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.
Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.
Ke sa bua hape, ke re: Ho se be ya hopolang hore ke sethoto. Empa haeba ho jwalo, nkukeng ke le sethoto he, e le hore ke tle ke be le boithorisonyana!
Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.
Empa re ile ra tela tsa sekgukgu, tse dihlong, ra se ke ra tsamaya ka mano, leha e le ho sotha lentswe la Modimo. Re mpa re phatlalatsa nnete, re leka ho hapa maikutlo a batho bohle, mme le Modimo o a tseba.
Le dumediswa ke Arisetarekose eo re leng ditlamong le yena, le Mareka motswala Baranabase, eo le seng le fumane ditaelo tse amanang le yena. Mo amoheleng, haeba a ka tla ho lona.
Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.
Haeba e mong a ka tla ho lona, feela a sa tlise thuto ena, le se ke la mo amohela malapeng a lona, leha e le hona ho mo dumedisa.