La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




2 Bakorinthe 5:3 - BIBELE

hobane mohla re keneng ho lona, re ke ke ra fumanwa re hloka lehae.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

ha re fela re ka fihlelwa re apere, e seng re hlobotse.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ekare ha re apeswa, re ke ke ra fumanwa re hlobotse.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ekare ha re apeswa, re ke ke ra fumanwa re hlobotse.

Ver Capítulo



2 Bakorinthe 5:3
6 Referencias Cruzadas  

Moshe a hlokomela hore setjhaba se iketsetsa borata, hobane Arone a ne a se tloheletse ho iketsetsa borata, le ho iphetola sesomo hara dira tsa sona.


Bophelong bona re a fehelwa, ka baka la ho labalabela ho kena lehaeng la rona la bobedi, la lehodimo,


Ruri, rona ba ahileng lephepheng lena, re fehelwa ke ho imelwa, hobane ha re batle ho lahlehelwa ke lehae lena, empa re lakatsa ho fumana le leng la bobedi, hodima lona; e le hore se shwang se metswe ke bophelo.


“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”


Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone.