2 Bakorinthe 5:2 - BIBELE Bophelong bona re a fehelwa, ka baka la ho labalabela ho kena lehaeng la rona la bobedi, la lehodimo, Sesotho 1909/1961 (SO) Ha re sa ntse re le motlotlwaneng wona, re hema ke ho lakatsa haholo ho apara ntlo ya rona ya lehodimo; Baasraak Sotho NT Hobane re fehelwa ke hona, re hlolohetswe ka tjantjello ho apeswa ntlo ya rona e tswang lehodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane re fehelwa ke hona, re hlolohetswe ka tjantjello ho apeswa ntlo ya rona e tswang lehodimong. |
Hase tsona feela, empa le rona, ba neilweng Moya e le mpho ya ho qala ya Modimo, re fehellwa ka dipelong, re ntse re lebeletse hore Modimo a re amohele re le bana ba hae, mme a lopolle le mmele ya rona.
Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa,