Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa.
2 Bakorinthe 2:5 - BIBELE Jwale haeba motho a swabisitse e mong, ha a ya swabisa nna, o swabisitse lona; ho se feteletse puo ke re, leha e se lona bohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha e mong a hlahisitse maswabi, ha a swabisa nna, empa ka nqa tse ding o swabisitse le lona bohle; ke rialo, ke tle ke se ke ka le imetsa. Baasraak Sotho NT Empa ekare ha e mong a bakile maswabi, ha a ka a swabisa nna, empa ka nqa e nngwe, ke tle ke se ke ka le imetsa kaofela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ekare ha e mong a bakile maswabi, ha a ka a swabisa nna, empa ka nqa e nngwe, ke tle ke se ke ka le imetsa kaofela. |
Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa.
Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.”
Bana beso, ke a le rapela: Ebang jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona. Ha le a ntshitelwa ka letho.
Nna ke le tshepile Moreneng, hore le ke ke la hopola letho lesele. Empa eo ya le ferekanyang, leha e ka ba mang kapa mang, o tla welwa ke kotlo.