Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng.
2 Bakorinthe 2:1 - BIBELE Yaba ke rera hore nke ke ka boela ka le etela ho tla le swabisa, Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ke itaile hore nke ke ka boela ho lona ka maswabi. Baasraak Sotho NT Empa ke ikemiseditse hoba ke se ke ka boela ke tla ho lona ke tsielehile. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke ikemiseditse hoba ke se ke ka boela ke tla ho lona ke tsielehile. |
Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng.
Hoba Paulosi le Baranabase ba be le phapang le kgang e kgolo le bona, ha rerwa hore Paulosi le Baranabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo ka taba ena.
Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng.
Ha e le nna, leha ke le siyo hara lona ka nama, ke teng ka moya. Jwaloka hoja ke teng, ya entseng ketso e jwalo ke se ke mo ahlotse
Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe.
Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.
Ke ile ka le ngolla ka maikutlo a tshwenyehileng, le ka pelo e tsielehileng, le ka meokgo e keleketlang. E ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe boholo ba lerato leo ke le ratang ka lona.
Ha ke romela Aretemase kapa Tikikose ho wena, o potlakele ho tla ho nna mona, Nikopolese, hobane ke hopotse ho qeta mariha teng.