motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.
2 Bakorinthe 13:2 - BIBELE Ba entseng sebe ka nako e fetileng, le ba bang bohle, ke ne ke ba bolelle mohla ketelo ya ka ya bobedi, mme le kajeno ke sa ba bolella hape ke eso tle, hore mohla ke tlang hape, ha ke na ho qenehela motho, Sesotho 1909/1961 (SO) Ke se ke le boleletse pele, le jwale ke sa le bolella, ke re: Jwalokaha nkile ka etsa ha ke le ho lona ka la bobedi, le jwale ke sa pheta, leha ke le siyo, ke ngolla ba sitilweng pele, le ba bang bohle hore, ha ke boela ke etla, nke ke ka ba rekolohela; Baasraak Sotho NT Ke le boleletse pele, mme ke le boleletse pele, jwaloka hoja ke le teng la bobedi; mme haele jwale, ke le sieo, ke ngolla ba kileng ba etsa sebe pele, le ba bang kaofela, hore, leha ke ka kgutla, nke ke ka ba qenehela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke le boleletse pele, mme ke le boleletse pele, jwaloka hoja ke le teng la bobedi; mme haele jwale, ke le sieo, ke ngolla ba kileng ba etsa sebe pele, le ba bang kaofela, hore, leha ke ka kgutla, nke ke ka ba qenehela. |
motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.
Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe.
Bonang, lena ke kgetlo la boraro leo ka lona ke itokisetsang ho tla ho lona, mme ha ke na ho le kgoka, hobane ha ke batle tsa lona, ke batla lona. Hase bana ba fepang batswadi, ke batswadi ba fepang bana.
Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.