Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.
2 Bakorinthe 1:5 - BIBELE Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste. Baasraak Sotho NT Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste. |
Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.
Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.
Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.
Haeba ho Kreste le fumana matshediso, le kgothatso e tswang leratong, le phedisano le Moya o Halalelang, le mohau, le kutlwelobohloko,
Ke batla ho tseba Kreste feela, le matla a tsoho ya hae, ke be le kabelo mahlokong a hae, ka ho tshwana le yena lefung la hae,
Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.
ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.
Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.