Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”
1 Samuele 8:9 - BIBELE Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, mamela mantswe a bona; leha ho le jwalo, o ba nyatse, o ba tsebise mokgwa wa morena ya tla busa hodima bona. |
Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”
Ha ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ mme wena o sa mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, e le hore a pholose bophelo ba hae, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa madi a hae ke tla a batla ho wena.
Kgosana ha e a lokela ho nka letho lefeng la setjhaba ka ho se hatella. E tla abela bara ba yona lefa leo e leng la yona, e le hore ho se be motho wa setjhaba sa ka ya ka falatswang.’ ”
Samuele a hlalosetsa setjhaba ditokelo tsa kgosi, le mesebetsi ya yona, mme tsena tsohle a di ngola bukeng, a e bea kapele ho Morena. Samuele a qhala setjhaba sohle, motho e mong le e mong a ikela ha hae.
Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Bonang, ke mametse tsohle tseo le ileng la mpolella tsona. Ke le neile kgosi e tla le busa.
Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.
kapa moetlo o laolang tshebedisano ya baprista le setjhaba. Ha motho ofe kapa ofe a nyehela ka sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle a nkile fereko e meno a mararo, ha nama e ntse e phehilwe.
Ho ya ka diketso tsohle tsa sona, tseo se di entseng ho tloha mohla ke se ntshang Egepeta, ho fihlela kajeno, se ntahlile, sa sebeletsa medimo e meng; jwale le wena se o etsa jwalo.