Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko.
1 Samuele 6:9 - BIBELE Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela. |
Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko.
Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.
Empa ha Faro a bona hore o imolotswe a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.
Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.
Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.
Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?
Jwale moedi o thinyetse ka bophirimela ho Baala, ho ya fihla thabeng ya Seire, ebe o fetela leropong le ka leboya la thaba ya Jearime — ke yona Kesalone — wa theosa ho ya fihla Bete-Shemeshe, wa ya feta Timina.
le Aine le makgulo a yona, le Juta le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. Ya eba metse e robong, e tswang merabeng eo e mmedi.
Banna ba etsa jwalo; ba tshwara dikgomo tse pedi tsa ditswetse, ba di pana koloing, mme manamane a tsona ba a kwalla ka sakeng.
Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe.
Baprista ba re ho bona: “Haeba le kgutlisa areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le se ke la e kgutlisa e se na letho, empa ruri eka kgona le romele Modimo nyehelo e tlosang sebe. Ke hona le tla phekoleha, mme le tsebe le lebaka leo ka lona a sa kang a kgaotsa ho le otla.”