Areka ya selekane sa hae a e tlohela, a e tlohella ho haptjwa, areka e bonahatsang tlotla ya hae ya wela matsohong a sera.
1 Samuele 6:1 - BIBELE Areka ya Morena ya qeta digwedi tse supileng e le naheng ya Bafilesita. Sesotho 1909/1961 (SO) Areka ya Jehova e ne e se e dutse kgwedi tse supileng naheng ya Bafilesta, |
Areka ya selekane sa hae a e tlohela, a e tlohella ho haptjwa, areka e bonahatsang tlotla ya hae ya wela matsohong a sera.
Banna ba sa kang ba eshwa bona ba otlwa ka mathopa a mokoteng, mme seboko se tswang motseng sa nyolohela lehodimong.
Ka le hlahlamang, ha baahi ba Ashedode ba tsoha ka madungwadungwana, ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Ba nka Dagone, ba boela ba mmea ditulong tsa hae.
Bafilesita ba bitsa baprista le dinohe, ba re: “Re etseng ka areka ee ya Morena? Re bolelleng hore na re e kgutlisetse moo e tswang teng ka mokgwa o jwang!”