mme nala e ke ke ya hlola e tsejwa naheng ena ka baka la tlala e tla latela, hobane e tla ba kgolo haholo.
1 Samuele 5:6 - BIBELE Morena a otla baahi ba Ashedode habohloko; a ba timetsa, a ba bolaya ka mathopa a mokoteng, a bolaya baahi ba Ashedode le ba metsana e mathokong a yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa letsoho la Jehova la eba boima hodima ba Ashdode; a senya, a otla ba Ashdode le ba mathoko a teng ka diso. |
mme nala e ke ke ya hlola e tsejwa naheng ena ka baka la tlala e tla latela, hobane e tla ba kgolo haholo.
Motsheare le bosiu letsoho la hao le ne le nkimela, moko wa ka o ne o omella jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama, lebatama la lehlabula.
bona, Morena o tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng: dipere, le ditonki, le dikamele, le mehlape ya dikgomo, le ya dinku, ka lefu la sewa le leholo haholo.
Jwale, bona, letsoho la Morena le a o otla: o tla foufala, o se ke wa bona letsatsi ka nako e itseng.” Hanghang mohodi le lefifi tsa mo aparela, mme a nna a phopholetsa ho batla ya ka mo tataisang ka letsoho.
“Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.
Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.
Ha banna ba Ashedode ba bona se etsahalang, ba re: “Areka ya Modimo wa Baiseraele e ke ke ya dula hara rona, hobane Modimo o re otla habohloko, rona le modimo wa rona Dagone.”
Yare hoba ba ise areka moo, Morena a hlahisetsa motse oo tsietsi e kgolo. A otla banna ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane; ba tswa mathopa a mokoteng.