Ya tla phonyoha saboleng sa Hasaele, o tla bolawa ke Jehu, mme ya tla phonyoha saboleng ya Jehu, o tla bolawa ke Elisha.
1 Samuele 5:12 - BIBELE Banna ba sa kang ba eshwa bona ba otlwa ka mathopa a mokoteng, mme seboko se tswang motseng sa nyolohela lehodimong. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele banna ba sa kang ba eshwa, ba otlwa ka diso, seboko sa motse sa ba sa nyolohela lehodimong. |
Ya tla phonyoha saboleng sa Hasaele, o tla bolawa ke Jehu, mme ya tla phonyoha saboleng ya Jehu, o tla bolawa ke Elisha.
Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae, le Baegepeta bohle, mme ha eba le seboko sa phohomela Egepeta, hobane ho ne ho se lelapa le se nang ya shweleng.
“Juda e bofifing, metse e shwa ke lenyora, tjhaba se rapaletse fatshe, se apere bofifi, sello sa Jerusalema le sona se hlaba hodimo!
Lona badisa llang, le bokolle haholo, lona beng ba mohlape ipitikeng hodima molora; nako ya ho bolawa ha lona e fihlile, nako ya ho qhalanngwa ha lona e phethahetse; le tla wa, le pshatlehe sa lefiso le letleletle!
Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha.
“Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”