Davida a re ho yena: “Ho etsahetseng? Ako mpolelle!” Eo a re: “Bahlabani ba balehile ntweng, mme ba bangata ba bona ba bolailwe. Bo-Saule le mora wa hae Jonathane le bona ba bolailwe.”
1 Samuele 4:16 - BIBELE Monna eo a re ho Eli: “Ke nna ya tswang thekong ya ntwa; ke balehile teng hona kajeno.” Eli a re ho yena: “Ho etsahetse dife, ngwanaka?” Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile monna eo o re ho Eli: ke tswa ntweng, ke tswa baleha sereng kajeno. Yena a re: Taba ho hlahile efe, ngwana ka? |
Davida a re ho yena: “Ho etsahetseng? Ako mpolelle!” Eo a re: “Bahlabani ba balehile ntweng, mme ba bangata ba bona ba bolailwe. Bo-Saule le mora wa hae Jonathane le bona ba bolailwe.”
Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”
Morena a boela a bitsa Samuele. Samuele a ema, a ya ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a araba, a re: “Ha ke a o bitsa, ngwanaka; tsamaya o yo robala hape.”
Selahlamarungwana sa araba, sa re: “Baiseraele ba balehile Bafilesita. Bahlabani ba entswe mofela; bara ba hao ba babedi, Hofeni le Finease, le bona ba shwele, mme areka ya Modimo e hapilwe.”